BOLAODI BA SETJHABA BA MOTLAKASE
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona:
Ho fihlela ka la 30 Pudungwana 2001
Thelefounu:
Ho tloha ka la 1 Tshitwe 2001
Thelefounu:
BOLAODI BA SETJHABA BA MOTLAKASE
MANTSWE A HO QALA
Ho thakgolweng ha bona ka kgwedi ya Mmesa 1995, Bolaodi ba Setjhaba ba Motlakase (National Electricity Regulator ? NER) bo ile ba itlama ho ntshetsa pele phumantsho ya ditshebeletso ka hara Indasteri ya Phepelo ya Motlakase (IPM). Ho ile ha qetellwa ho hlahisitswe maemo a tshebeletso, mme a amohelwa ke Bolaodi hore a sebediswe ke bafepedi bohle ho etsa bonnete ba hore bareki, bonyane, ba tiisetswa ho fumana boemo bo itseng ba tshebeletso. O mong wa mesebetsi ya NER ha jwale ke ho lebela tshebetso ya bapefedi ha e bapiswa le maemo a amohelehileng.
Bolaodi hape bo lemohile hore bareki ba ka ba le seabo mokgeng ona wa taolo. Ho dumelwa hore ha bareki ba tseba ka maemo a amohelehileng a tshebeletso a kentsweng, ba tla kgona ho phepetsa bafepedi, mme ba be le tshusumetso ya hore ho be le phumantso e ntlafetseng ya ditshebeletso. Ka hoo, bareki, ba tshwanetse ho tseba maemo a tshebeletso eo ba lokelang ho e fumana. Ho fihlela ha jwale, NER e hlahisitse tokomane e balehang hantle hape eo bareki ba ka e utlwisisa ha bonolo, mme hona ba ho entse ho tswa ho eo e ntseng e le teng ntle le ho fetola moelelo wa yona.
Re tshepa hore bareki ba tla itlwaetsa maemo ao a amohelehileng a tshebeletso, mme ba thuse NER maikemisetsong a yona a ho lebela tshebetso ya bafepedi bohle ba fuweng dilaesense.
Motsamaisi e Moholo: Ditshebeletso tsa Bareki
DITLHALOSO TSE MOLEMO 1
BOIKARABELO BA MOFEPEDI 2
BOIKARABELO BA MOREKI 3
YA PHEPELO TSE NTSENG DI LE TENG 3
Dihora tsa tshebetso tsa Dibaka tse Rekisang Dikarata tsa motlakase
Dipotso ka Nepahalo ya Metara wa Dikarata
HO KGAOLWA KA QOBELLO HO MARANGRANG A MOTLAKASE 6
Dibaka tsa bodulo tseo e leng kgale di le teng
Dibaka tsa bodulo tse ntseng di hahuwa
Bareki ba fepelwang ka marangrang a mahaeng a mehala e tsamayang hodimo
HO KGAOLWA KA MORERO HO MARANGRANG A MOTLAKASE 8
Dibaka tsa bodulo tseo e leng kgale di le teng
Dibaka tsa bodulo tse ntseng di hahuwa
DITLETLEBO, DIPOTSO LE DIKOPO TSA BAREKI 8
Ditletlebo tsa Bareki
Dipotso tsa bareki
Dikopo tsa Bareki
HO SE DUMELLANE LE NRS 048-2 9
THUTO YA BAREKI LE DIFORAMO TSA BAREKI 10
Bolaodi ba Setjhaba ba Motlakase (NER) ke kgale bo lemohile tlhokeho ya ho hlahisa maemo a amohelehileng a tshebeletso e nang le boleng indastering ya phepelo ya motlakase; maemo ao bareki ba motlakase mekgeng e fapaneng ya mebaraka ba ka a lebellang ka mokgwa o utlwahalang, mme le bafepedi ba phehelle ho a boloka.
Bakeng sa ho etsa bonnete ba hore bafepedi ba boloka maemo ana a amohelehileng, selemo le selemo, ba tla lokela ho fana ka pehelo ho NER ka tshebetso ya bona moo e tla bapiswa le maemo a amohelehileng.
Sepheo sa bukana ena ke ho tsebisa bareki ba sebedisang motlakase o rekwang ka karata ka boleng ba tshebeletso eo ba ka e lebellang ho tswa ho bafepedi ba motlakase le ho neha bareki kutlwisiso e ntlafetseng ya NRS 047 jwalo ka ha e ba ama.
Dimetara tsa dikarata di dumella bareki ho reka motlakase pele ba o sebedisa ka palo tseo bona ba di batlang kapa tseo ba ka kgonang ho di reka. Hodima moo, bareki ha ba fumane diakhaonte tsa kgwedi le kgwedi tsa motlakase tseo ba ke keng ba kgona ho di lefa.
Bukana ena hape e beha le mekgwa ya tharollo e ka sebediswang ke bareki ha ho ka ba le ngangisano mahareng a bona le mofepedi mabapi le maemo a tshebeletso.
Ditshebeletso tse ikgethang tseo mofepedi a fanang ka tsona di tla ba feela ka tumellano mahareng a mofepedi le moreki, mme ha di laolwe ke NRS 04.
Le ha ho le jwalo, ho tshwanetswe hore ho tiisetswe hore NER e lebelletse moreki le mofepedi ya tshwanetseng ba leke ho rarolla dingangisano tse ka bang teng ka bobona, pele ba ka lebisa tletlebo ho NER.
NER ka tlwaelo e ke ke ya ameha ntle le haebe dingangisano tse jwalo ha di kgonwe ho rarollwa boemong ba selehae.
DITLHALOSO TSE MOLEMO
Mareo a mang a sebediswa haholo indastering ya phepelo ya motlakase, mme ho molemo hore bareki ba motlakase ba tsebe hore mareo ao a bolela eng.
Mofepedi: Bolaodi bo fuweng laesense ke NER hore bo fane ka/kapa bo abele motlakase.
Ho kgaolwa ha motlakase ka morero: Ho kgaola phepelo ya motlakase ka morero ke mofepedi ha a lokisa kapa a atolosa marangrang a motlakase.
Ho kgaolwa ha motlakase ka qobello: Kgaolo e etsahalang ka baka la phoso ho marangrang a motlakase, kapa ho sebedisa sebediswa se fosahetseng sa motlakase.
Marangrang a Mahaeng: Marangrang a fepelang dibaka tse sa teteanang tse jwalo ka tsa merabe ya mapolasing, moo hangata ho se nang dibopeho tsa motheo tse jwalo ka mebila.
Marangrang a Ditoropong: Marangrang a fepelang dibaka tse teteaneng tsa matlo moo hangata ho nang le dibopeho tsa motheo tse sebetsang hantle.
Phepelo ya Nakwana: Phepelo ya motlakase e fuwang moreki tlasa mabaka a sa tlwaelehang. Phepelo ena hangata ha e latele maemo a ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona ka tlwaelo.
Voltage e tlase: Hangata e sebediswa bakeng sa ho fepela badudi kapa bareki ba kgwebo tse nyenyane.
Voltage e hodimo: Hangata e sebedisetswa ho aba motlakase le ho fepela bareki ba diindasteri tse kgolo kapa ba dikgwebo tse kgolo.
Karata ya Motlakase: Karata e sebedisang dikhoutu eo moreki ya sebedisang metara wa dikarata a e sebedisang bakeng sa ho mo dumella ho fumana motlakase wa theko eo a e lefileng, mme hona ho etsuwa ka metara wa dikarata.
Metara wa Karata: Sesebediswa seo ho fanwang ka motlakase ka sona ka ho reka dikarata tsa motlakase pele o o sebedisa ka ditheko tse fapaneng.
Boleng ba Phepelo: Bonyane ba maemo a amohelehileng bakeng sa boleng ba phepelo ya motlakase bo jwalo ka maemo a di-voltage, ho kgaolwa ha phepelo ya motlakase, phallo, jj., jwalo ka ha bo hlalositswe Karolong ya 2 ya NRS 048.
Bareki ba nang le Dimetara tsa Mekitlane/Tse Tlwaelehileng: Bana ke bareki bao motlakase oo ba o sebedisang o lekangwang ka metara o balwang ke mofepedi e be ho romelwa diakhaonte ha morao.
BOIKARABELO BA MOFEPEDI
Maemo a tshebeletso a behilweng Karolong ya 1 ya NRS 047 ke bonyane ba maemo a tshebeletso ao bafepedi ba tshwanetseng ho phehella ho a fihlela, le ha ho le jwalo, bafepedi ba kgothaletswa ho fana ka maemo a tshebeletso a ka hodimo ho na le ao a boletsweng bonyane.
Nqeng tseo mofepedi a sitiswang ho fihlella maemo a hlokehang a tshebeletso ka tlasa mabaka a ka nqane ho taolo ya hae, moo a ke ke a ba le boikarabelo ba ho se kgone ho fihlela maemo ao a boletsweng a tshebeletso. Mabaka ao ke a kenyelletsang ntwa, boshodu le sabotasi, seteraeke, dikotsi tsa makoloi le maemo a mabe haholo a lehodimo. Mabaka a boletsweng ha a fella, empa a bontsha feela ho utlwahala ha ona nqeng tse jwalo ka tseo.
Ha ho ka etseha hore ho be le ngangisano le moreki ka baka la boemo ba tshebeletso eo ho fanwang ka yona, hoo ho tla ba mahetleng a mofepedi ya amehang hore a leke ho rarolla taba eo ka ho rerisana le moreki eo. Mabapi le hona, hang ho ba ho romelwe tletlebo, mofepedi o lokela ho tsebisa moreki ka foramo, nako le sebaka seo ho tla etswa maiteko a ho rarolla taba eo.
Ho tshwanetswe ho tiisetswe tabeng ya hore NER yona e tla kena feela tabeng e jwalo ka eo haebe ditherisano di hloleha ho tla le tharollo ya taba eo.
BOIKARABELO BA MOREKI
Ke ntho ya bohlokwa hore bareki ba latele mekgwa ya tshebetso e behilweng ke bafepedi, ha ba fana ka tsebiso le ha ba tlatsa ditokomane dife kapa dife tse hlokehang, le hore ba lefe ditefello tsohle tse hlokehang.
Moo ho ka bang le ngangisano ka maemo a tshebeletso, mohlala, nepahalo ya metara ya moreki, ho a hlokeha hore moreki a lefe tefello e behilweng e leshwang pele ho ka shejwa bothata boo. Tjhelete ena o tla e fumana hape ha metara o ka fumanwa o sa sebetse hantle.
Moreki o lokela ho dumella mofepedi ho leka ho rarolla taba efe kapa efe sethathong, mme e be o romela taba eo ho NER haebe ba hlolehile ho fihlela tumellano.
DIKOPO BAKENG SA PHEPELO TSE NTJHA KAPA KATOLOSO YA PHEPELO TSE NTSENG DI LE TENG
NRS 047 jwale e laela hore, hang ho ba moreki a etse kopo e ngotsweng fatshe ya phepelo e ntjha kapa ya katoloso ya phepelo e leng teng ha jwale, mme a tlatsitse ditokomane tsohle tse hlokehang, mofepedi o lokela ho fana ka ditekanyetso tsa ditefello bakeng sa mosebetsi ka ho ya ka nako ena e latelang:
Matsatsi a 10 a ho sebetsa moo marangrang a leng teng a sebediswang, mme ho sa hlokehe katoloso e nngwe ntle le mohala kapa mola o fepelang sebaka.
Kgwedi e le 1 moo voltage e tlase (voltage e sebedisetswang ho fepela dibaka tse tlwaelehileng tsa bodulo le dikgwebo tse nyenyane) kapa voltage e mahareng (voltage e sebedisetswang ho aba motlakase tikolohong) e hlokehang bakeng sa ho atolosa sebopeho se ntseng se le teng sa motheo.
Moo o lokelwang ho rera sebopeho se setjha sa motheo sa voltage e mahareng, moreki le mofepedi ba tshwanela ho rerisana ka bobedi ka nako ya ho fana ka ditekanyetso tsa ditefello.
Ha moreki a ka amohela tekanyetso eo ya tefello, a lefa ditjhelete tsohle tse tshwanetsweng ho leshwa, mme a phetha ditlamo tsohle tse behilweng ke mofepedi, mofepedi o tla fana ka phepelo e ntjha ka ho ya ka nako ena e latelang:
Matsatsi a 30 a ho sebetsa moo marangrang a ntseng a leng teng a ka sebediswang.
Dikgwedi tse 2 moo dikatoloso tse ntjha tsa voltage e tlase kapa e mahareng di hlokehang ho tswa ho marangrang a ntseng a le teng a motlakase.
Moo ho ntseng ho kengwa sebopeho se setjha sa motheo sa voltage, moreki le mofepedi ba tshwanela ho rerisana ka bobedi ka nako eo ya ho kengwa hoo ha sebopeho seo.
Mofepedi o lokela ho etsa bonnete ba hore bareki bohle ba motlakase wa dikarata ba fumana tsebiso e itseng ya bohlokwa ka nako eo a ba hokelang tshebeletso ya hae. Hona ho tshwanetswe ho etsuwa ka ho sebedisa bukana e tshwanetseng e tla nehwa moreki ka yona nako eo.
Bukana eo e tla tsebisa moreki ka hona ho latelang:
Ditaelo tse felletseng tsa ka moo a lokelang ho sebedisa metara ona wa dikarata ka teng, mofuta wa karata ya motlakase e tla sebediswa le hore o tla e reka kae a be a e sebedise jwang, tefello e behilweng ya matla a motlakase, tefello e jwalo e behwe kapa e pepeswe sebakeng seo se rekisang dikarata, hore dibaka tse rekisang dikarata di ho kae le teng di kwalwa neng, dinomoro tsa thelefounu le diaterese tsa bao moreki a ka iteanyang le bona bakeng sa ho fumana tsebiso le ho botsisa ka metara ona wa dikarata, tsela e ka latelwang ha moreki a bona e ka ho na le bothata ka nepahalo ya metara wa karata le ditefiso tseo a di lefisitsweng ke mofepedi bakeng sa ho hlahloba nepahalo ya metara, tsela eo mofepedi a ka e nkang ha a sa kgone ho ya fihla metareng wa dikarata o ka hara sebaka sa moreki, mehato eo mofepedi a tla e nka ha a bona hore moreki o ile a henahenana kapa a sitisana le phepelo ya motlakase ka tsela efe kapa efe, le hore ke efe kotlo a tla fuwa yona, mokgwa wa ho kgaola tshebeletso ha moreki a kopa hore ho etswe jwalo, moo ho tshwanetseng, tsela ya ho ka kgona ho fumana ditjhelete tsohle tse salletseng morao tsa moreki.
Ho tshwanetswe ho elwa hloko hore ditjhelete tseo tse salletseng morao e ka nna ba di bakilwe ke ho hokelwa hape motlakase nakong e fetileng, kapa ka mora ho ba mofepedi a hlahlobe tshebediso ya matla a motlakase bakeng sa nako e itseng a fumana hore ho ne ho ntse ho henahenanwa le phepelo ya motlakase ka sepheo sa ho o fumana mahala.
Diphetoho tsa ditefello tsa motlakase bakeng sa bareki ba dimetara tsa dikarata di lokelwa ho bontshwa moreki ka ho di hlahisa dikarateng dibakeng tseo ho rekwang dikarata ho tsona ekasitana le ka mekgwa e meng e tshwanetseng.
Ho behwa ha metjhini e rekisang dikarata tsa motlakase mmoho le palo ya metjhini eo ho tla fanwa ka yona ho tla itshetleha haholo palong ya bongata ba bareki tikolohong e itseng. Ho hlakile, hore ha tikoloho e na le matlo a qhellaneng haholo, ha re sheba taba tsa ho boloka ditjhelete, moo hangata ha ho molemo hore mofepedi a fane ka motjhini o rekisang dikarata tsa motlakase tikolohong eo. Le ha ho le jwalo, jwalo ka tataiso e akaretsang, mofepedi a ka fana ka motjhini o rekisang dikarata tikolohong eo matlo a qhellaneng ka bohole ba dikilometara tse 5. Ha ho ka etsahala hore tikoloho eo e be le matlo a mangata a atametseng ho a mang, moo mofepedi a ka fana ka metjhini e mengatanyana e rekisang dikarata. Hape, tataiso e akaretsang monake ya hore, mofepedi o tla fana ka motjhini o le mong o rekisang dikarata bakeng sa bareki ba bang le ba bang ba 2000.
Dihora tsa tshebetso tsa Dibaka tse Rekisang Dikarata tsa motlakase
Ka baka la mofuta wa thekenoloji ya dimetara tsa dikarata, ke ntho ya bohlokwa hore bareki ba be le mokgwa o utlwahalang wa ho ka kgona ho reka dikarata tseo ba di hlokang tsa motlakase. Bafepedi ba bang ba fana ka metjhini ya othomatiki e sa hlokeng motho ya e laolang, moo bareki ba ka kgonang ho reka dikarata tsa bona nako efe kapa efe, bosiu kapa motsheare.
NRS 047 e laela hore, ha ho se na metjhini ya othomatiki ho tshwanetswe hore ho bulwe dibaka tse ding tse tla rekisa dikarata ka dihora tse tlwaelehileng tsa thekiso tsa hara beke, le ho tloha ka 08:00 ho ya ho 12:00 mafelong a beke le ka matsatsi a phomolo. Tsena ke bonyane ba dinako tse behuweng mme barekisi ba kgothaletswa ho ntlafatsa dinako tseo.
Le ha ho le jwalo, dibaka tse ding tse rekisang dikarata di ka fapana le tse ding ka dihora tsa ho bula, mme e ka nna ba ha di bule ka matsatsi a mang a itseng, ha fela ho na le dibaka tse ding tse sebetsang tse butseng haufinyane.
Dipotso ka Nepahalo ya Metara wa Dikarata
Moreki ya sebedisang motlakase wa karata a ka kopa mofepedi ho hlahloba nepahalo ya metara, mme bakeng sa kopo eo a lefe tjhelete e behilweng ya ho hlahloba.
Tjhelete ena o tla e kgutlisetswa ha ho ka fumanwa hore metara o na le phoso. Bareki hape ba tshwanela ho tseba hore ditjeo tsa yuniti ya eneji ya motlakase (kilowatt ka hora) e sebedisitsweng metareng wa dikarata hangata e ba hodimo ho ena le eneji e sebedisitsweng metareng o tlwaelehileng. Hona mofepedi o ho etsa ka sepheo sa ho leka ho fumana ditjeo tsa hae tsa phepelo ya motlakase dibakeng tse sebedisang dimetara tsa dikarata moo bareki ba lefang feela tefello e tlase haholo ya ho hokelwa le ho fepelwa motlakase
Mofepedi o tshwanela ho phetha hlahlobo ya metara ya ho bona hore na o nepahetse matsatsing a 15 a ho sebetsa hang ho ba moreki a lefe tjhelete eo e behilweng, mme hape o lokela ho hlophisa ho transfera kapa ho kgutlisa tjhelete efe kapa efe e setseng metareng oo o hlahlojwang.
Dimetara tsa motlakase wa dikarata mmoho le disebediswa tse amanang le tsona ke tsa mofepedi, mme moo mofepedi o na le tokelo le tshwanelo ya ho hlahloba sesebediswa se sebakeng sa moreki nakong efe kapa efe e utlwahalang. Ka hoo bareki ba tshwanela ho dumella mofepedi, kapa batho ba kgethuweng ke mofepedi, hore ba kgone ho kena, mme ba hlahlobe disebediswa tseo.
Mofepedi kapa bao a tla ba kgetha ba tla tshwanela ho tshwara dintho tsa boitsebiso ka dinako tsohle, mme bareki bona ba ka kopa ho bona dintho tseo tsa boitsebiso pele ba ba dumella ho kena dibakeng tsa bona. Moo ho entsweng maiteko a utlwahalang a ho kena sebakeng mme ha se kgonehe, mofepedi a ka kgaola phepelo ya motlakase ka mora ho ba a nehe moreki temoso e ngotsweng fatshe.
Jwalo ka ha ho boletswe pejana, moreki a ka kopa ho kgaolelwa tshebeletso ya phepelo ya motlakase wa karata tlasa mabaka a fapaneng. Mabaka a jwalo a ka kenyelletsa katoloso kapa diphetolo tse etsuwang sebakeng sa moreki kapa ho tjhentjwa sebaka seo metara wa karata o leng ho sona.
Ha a se a fumane kopo ya ho hokelwa hape phepelong, mofepedi yena o tla ba le matsatsi a mabedi a ho sebetsa bakeng sa ho phetha mosebetsi oo. Moreki o lokela ho ela hloko hore kopo ena ha e sebetse haebe phepelo e kgaotswe hobane moreki a ile a henahenana le mehala ya motlakase ka sepheo sa ho fumana motlakase mahala.
HO KGAOLWA KA QOBELLO HO MARANGRANG A MOTLAKASE
Kgaolo ya phepelo ya motlakase e sa rerwang, e leng ho timelwa ke motlakase ka baka la diphoso ho marangrang a motlakase tse ka bakwang ke difefo, ho senyeha ha disebediswa tsa motlakase, jwalo-jwalo, ke ntho e etsahalang nako le nako. Tlasa mabaka ana mofepedi ha a na boikarabelo tsekong efe kapa efe ya ho kgaoha ha motlakase ntle le haebe ho ka hlahiswa bopaki ba hore mofepedi o bile bohlaswa ka tsela e itseng. Bohlaswa boo e ka ba ba ho se boloke marangrang a hlokometswe ka tshwanelo. Ke ntho ya bohlokwa, haholoholo ha moreki a ka senyehelwa ke dintho ka ho bola kapa a senyehelwa ke sesebediswa sa motlakase ka baka la ho kgaoha ha phepelo, hore a ngole fatshe letsatsi, nako le bolelele ba phoso eo e be o iteanya le mofepedi ka potlako.
Tekanyetso ya ho kgaoha hoo, le dinako tsa ho hokela phepelo hape, di tla itshetleha hodima mofuta wa marangrang a phepelo. Mohlala, moreki a ka fepelwa ka marangrang a ditoropong a hoketsweng hantle haholo le a mang, mme yena e be o lebella ho kgaoha ho mmalwa ha phepelo le hore a hokelwe hape ka potlako ho feta moreki ya fumanang phepelo ya hae ho marangrang a mahaeng moo ho se nang mela e mengata e hoketsweng mmoho le e meng e ka e thusang.
Tekanyetso ya diphoso e amanang le dinako tsa ho hokelwa hape e tla nne e fapane le dibakeng tsa ditoropo, mme hona ho ya ka hore na marangrang a motlakase a tsamaya ka hodimo kapa ka tlase. Le ha ho le jwalo, bongata ba marangrang a dibakeng tsa mahae a tsamaya ka hodimo.
Ha moreki a angwa kgafetsa ke ho kgaolwa hona hwa motlakase ho sa rerwang, o lokela ho ngola fatshe matsatsi, nako le bolelele ba diketsahalo tseo e be o tsebisa mofepedi. Ha ho sa be le ntlafatso ya seo se ntseng se etsahala, moreki a ka romela taba eo ho NER. (Sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona ka morao bukaneng ena).
Mofepedi o tshwanetse ho fana ka tshebeletso ya dihora tse 24 ya moo ho letsetswang teng hore bareki ba tlalehe phoso efe kapa efe e ka bang teng, mme phoso ka nngwe e tlalehilweng e tshwanelwa ho nehwa nomoro ya yona ya referense e sa tshwaneng le ya tse ding hore moreki a tle a kgone ho latella taba ya hae ha ho hlokeha.
Mofuta wa diphoso o fapana haholo, mme ka dinako tse ding ho a kgoneha ho neha bareki tekanyetso e lekaneng ya nako e hlokehang bakeng sa ho hokela phepelo ya motlakase hape. Le ha ho le jwalo, moreki a ka dula a na le tiisetso ya hore diphoso tsohle di tla lokiswa, mme phepelo e boele e kgutliswe dihoreng tse mashome a mabedi a metso e mene, ntle le tlasa mabaka a sa tlwaelehang.
Hona ho latelang ke tse ding tsa dintho tse lokelwang ho lebellwa ke bareki ba motlakase wa dikarata mabapi le kgaolo ya qobello ya phepelo ya motlakase tlasa mefuta e fapaneng ya marangrang a motlakase:
Dibaka tsa bodulo tseo e leng kgale di le teng
Bareki ba fepelwang ho tswa ho marangrang a tsamayang hodimo ba tshwanetse ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase ya qobello ka makgetlo a sa feteng a 6 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 12 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a tsamayang ka tlase ha ba tshwanela ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase ya qobello ka makgetlo a fetang a 4 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 12 selemong seo.
Dibaka tsa bodulo tse ntseng di hahuwa
Bareki ba fepelwang ho tswa ho marangrang a tsamayang hodimo ba tshwanetse ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase ya qobello ka makgetlo a sa feteng a 10 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 20 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a tsamayang ka tlase ha ba tshwanela ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase ya qobello ka makgetlo a fetang a 4 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 30 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a mahaeng a mehala e tsamayang hodimo
Bareki bana ha ba tshwanela ho kgaolelwa phepelo ya motlakase ka makgetlo a fetang a 60 ka selemo, mme palo yohle ya nako eo ba se nang motlakase ka yona e se ke ya feta dihora tse 200.
Ho tshwanetswe ho lemohuwa hore palo ya dikgaolo tsa qobello sehlopheng sena sa ho qetela sa bareki e hodimo haholo ho feta dihlopha tse ding ka baka la hobane dibakeng tsa mahae mela e hodimo e tobana le maemo a mabe haholo a lehodimo, mme le marangrang ka kakaretso ha a na mehlodi e meng e ka a thusang bakeng sa phepelo.
Ka kakaretso bafepedi ba na le dibaka tseo ba di behang ka hodimodimo lenaneng la bareki bakeng sa dintho tse ka etsahalang ka tshohanyetso ha ho tluwa tabeng ya ho hokelwa hape phepelo ya motlakase ka mora ho kgaolelwa phepelo ka qobello. Dipetlele, ditleliniki le diphaposi tseo ho etsetswang dioporeishene ho tsona, ke tsona tse behwang ka hodimodimo lenaneng ha ho se ho kgutliswa phepelo ya motlakase.
HO KGAOLWA KA MOKGWA O RERILWENG HO MARANGRANG A MOTLAKASE
Bakeng sa ho boloka kapa ho atolosa marangrang a motlakase, mofepedi ka dinako tse ding o lokela ho tima phepelo ya motlakase o yang sebakeng sa moreki. Hangata mofepedi o tshwanela ho tsebisa moreki ka tsebiso ya bonyane dihora tse 48 ka maikemisetso a hae a ho tima phepelo. Mofepedi o tla sebedisa diphatlalatsi tse tshwanetseng ho tsebisa bareki ka mohla, nako le bolelele ba kgaolo eo e rerilweng, empa, ha hona ho sa etsuwe, moreki a ka tletleba ho mofepedi, a mmolelle ka maemo a amohelehileng ao ho dumellanweng ka ona. Hona ha ho sebetse haebe ho na le tokiso e potlakileng e lokelwang ho etswa e jwalo ka maemo a ka bang kotsi, kapa ho hlokahala ha batho, kapa haebe tieho ya ho etsa hoo e ka baka tshenyo e kgolo ya marangrang.
Bareki ba nang le metjhini e sebediswang ho tshehetsa bophelo malapeng a bona ba lokela ho iteanya le mofepedi wa bona bakeng sa ho etsa ditlhophiso tse ikgethang.
Hona ho latelang ke tse ding tsa dintho tse lokelwang ho lebellwa ke bareki ba motlakase wa dikarata mabapi le kgaolo e rerilweng ya phepelo ya motlakase tlasa mefuta e fapaneng ya marangrang a motlakase:
Dibaka tsa bodulo tseo e leng kgale di le teng
Bareki ba fepelwang ho tswa ho marangrang a tsamayang hodimo ba tshwanetse ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a sa feteng a 2 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 6 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a tsamayang ka tlase ha ba tshwanela ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a fetang le le 1 selemong se seng le se seng sa bobedi, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 6 selemong seo.
Dibaka tsa bodulo tse ntseng di hahuwa
Bareki ba fepelwang ho tswa ho marangrang a tsamayang hodimo ba tshwanetse ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a fetang a 3 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 6 selemong seo.
Bareki ba fepelwang ka marangrang a tsamayang ka tlase ha ba tshwanela ho lebella kgaolelo ya phepelo ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a fetang le le 1 ka selemo, mme nako eo ba kgaolelwang phepelo eo ya motlakase palo yohle ya yona ha ya tshwanela ho feta dihora tse 6 selemong seo.
DITLETLEBO, DIPOTSO LE DIKOPO TSA BAREKI
Bareki ba bangata ba nyahama ha ba leka ho rarollelwa mathata kapa ha ba leka ho fumana dintlha tse mabapi le taba e itseng.
Ditletlebo tsa Bareki
Bafepedi ba tshwanela ho leka ho rarolla ka potlako bongata ba ditletlebo tse akaretsang tseo ba di fumanang ka mehala kapa ka seqo sa bona, ka ho bua ka ho toba le motho, ntle le ho romela taba mothong e mong.
Ha ho ka hlokeha hore ho etswe diphuputso, motho ya tletlebang o tshwanela ho tsebiswa ka hona ka ho ngollwa matsatsing a 2 a tshebetso, mme bothata boo bo rarollwe dibekeng tse 2.
Dipotso tsa bareki
Mofepedi hape o tla leka ho rarolla dipotso tsohle tsa moreki tse mabapi le ditsebiso le dikeletso, mme hona a ho etsa ka potlako ka seqo sa hae ntle ho romela moreki mothong e mong.
Mofepedi, ha a fumana dipotso ka mohala kapa a fuwa tsona ka seqo sa hae ke moreki, mme moo dipotso tseo di hlokang diphuputso, o lokela ho araba moreki matsatsing a 5 a tshebetso.
Dipotso tse ngotsweng fatshe tse tshwanang tse hlahang ho moreki di lokelwa ho rarollwa dibekeng tse 3.
Dikopo tsa Bareki
Ka mora ho fumana kopo e ngotsweng fatshe e amanang le tshebeletso eo ka tlwaelo mofepedi a fanang ka yona, mofepedi o lokela ho araba ka ho ngolla moreki nakong ya dibeke tse 2.
HO SE DUMELLANE LE NRS 048-2
E re ka ha NRS 047 e shebane le boleng ba tshebeletso e hlahang ho bafepedi ho ya bareking ba bona, NRS 048 yona e shebane le boleng ba sebele ba phepelo ya motlakase ho ya bareking.
Bareki ba dimetara tse sebedisang dikarata hangata ba tla lebana le ditaba tse jwalo ka tsa phepelo ya voltage e hodimo kapa e tlase, le ho kgaolelwa motlakase ka qobello kapa ka mokgwa o rerilweng. Nako e tla nkuwa bakeng sa ho lokisa ditletlebo tse jwalo jwale e se e wela tlasa NRS 047.
Hape, ho toboketsa taba ena, moreki o tshwanela ho neha mofepedi nako e utlwahalang ya ho rarolla bothata bo leng teng. Mathata a mang a ka hloka hore mofepedi a etse dihlahlobo tse kenelletseng, a rere a be a etse le mosebetsi o o tla ho thiusa pele a rarollwa. Le ha ho le jwalo, bafepedi ba lokela ho etsa dintho ka tsela e utlwahalang ha ba sebetsana le bareki, mme ke feela ha moreki a sa kgotsofale ka se entsweng ke mofepedi, moo taba e ka romelwang ho NER.
THUTO YA BAREKI LE DIFORAMO TSA BAREKI
Jwalo ka ha ho boletswe pejana, bareki bohle ba sebedisang motlakase wa dikarata ba tshwanetswe ho rutwa ka polokeho le tshebediso e bolokang tjhelete ya motlakase. NER e lemohile hona, mme ho tla kenyelletswa ditataiso tse mabapi le thuto eo ho NRS 047 ha morao. Ditaba tse ding tse mabapi le thuto le tsebiso di se di hlalositswe dikarolong tse fetileng. Le ha ho le jwalo, bafepedi bohle ba motlakase ba na le boikarabelo ba ho ruta bareki ba bona ditabeng tse amanang le polokeho le tshebediso e ntle ya motlakase, mme ba lokela le ho thusa bareki ka ho hlahisa dibukana le diphamfolete tse tshwanetseng, le ka ho etela dikolong le merabeng.
Hape, NER e lemohile hore bareki ba bangata ba motlakase wa dikarata ha ba na dibaka tseo ba ka iteanyang le mofepedi, kapa ba hloka le yona tshepo ya ho iteanya le mofepedi ka ho toba mabapi le mathata ao ba bang le ona. NER e kgothaletsa ho hlongwa ha diforamo tsa bareki, moo bareki ba tla hlahisa mathata le matshwenyeho a bona. Ditataiso mabapi le hona di fumaneha ho NER. (Sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona).
BOLAODI BA SETJHABA BA MOTLAKASE
Ho fihlela ka la 30 Pudungwana 2001
Ho tloha ka la 1 Tshitwe 2001
